MELAWANA YA LEKGOTLA LA MOLAO WA MOTHEO
Moahlodi e Moholo wa Afrika Borwa, tlasa karolo ya 171 ya Molao wa Motheo wa Afrika Borwa, 1996, le karolo ya 16 ya Molao o Tlatsetsang wa Lekgotla la Molao wa Motheo, 1995 (Molao No. 13 wa 1995), jwalo ka ha o fetotswe, o balletse melawana e fuperweng ke Sehlomathiso se latelang se laolang ditaba tse amanang le tsamaiso malebana le Lekgotla la Molao wa Motheo mme e tla sebetsa ho tloha mohla la 29 Motsheanong 1998*.
SEHLOMATHISO
HO AROLWA HA MELAWANA
Melawana ena e arotswe ka mokgwa o latelang:
Molao Ditlhaloso (molawana wa 1)
Karolo ya I Lekgotla (molawana wa 2)
Karolo ya III Kopanelo ya morero ke makala a puso (molawana wa 5)
Karolo ya IV Mekga (molawana wa 6?-?9)
Karolo ya VI Dikopo (molawana wa 11???13)
Karolo ya VII Ditaba tse bolaoding ba Lekgotla ka ho kgethehileng (molawana wa 14?-?17)
Karolo ya VIII Ho fihlella ka ho otloloha le boipiletso (molawana wa 18?-?21)
Karolo ya IX Ditefiso le ditshenyehelo (molawana wa 22?-?23)
Karolo ya X Mefutafuta ya ditlhophisetso (molawana wa 24???37)
Shejule ya 1 Diforomo
Shejule ya 2 Ditefiso
LENANEO LA DIKAHARE
TATELANO HO YA KA DINOMORO
Ditlhaloso
Lekgotla
Dihora tsa mosebetsi tsa ofisi ya Mongodisi
Mesebetsi ya Mongodisi ka bophara
Tshebeletso ya tshebetso
Boemedi ba Mekga
Kenello ya Mekga ditshebetsong
Matla a Boemedi kapa nehelano ya matla
Tshebetso ya ho kenya kopo
Dikopo tse potlakileng
Phehisano
Tekodisiso ya Bili
Ho dumellana ha Molao le Molao wa Motheo
Tiiso ya taelo ya ho se amohelehe ho ya ka molao wa motheo
Kamohelo ya molao wa motheo wa provense
Boipiletso
Mokgwatshebetso wa boipiletso
Tlhahisoleseding ya tlatsetso e tla nehwa Mongodisi
Ditefello tsa lekgetho le ditefiso tsa babuelli
Ditefiso tsa Lekgotla
Laeborari
Diphetolelo
Mehlala, meralo le dipontsho
Ho hulwa ha dinyewe
Moralo wa ditokomane
Tshebediso ya melawana e itseng ya Melawana e Tshwanang
Tshebediso ya dikarolo tse itseng tsa Molao wa Lekgotla le Phahameng, 1959 (Molao No. 59 wa 1959)
Ditokomane tse kentsweng ho tshohla dintlha tse tshwarehang
Ho se tsamaelane le melawana
Phethahatso: Karolo ya 3 ya Molao wa Tlatsetso wa Lekgotla la Molao wa Motheo, 1995 (Molao No. 13 wa 1995)
Dinehelano/dithuso tsa nakwana
Phediso/Tlhakolo ya melawana
Ho thulana ha ditemana
Sehlooho se sekgutshwane
TATELANO YA HO YA KA DIALFABETE
Boemedi ba Mekga
Boipiletso
Dihora tsa mosebetsi tsa ofisi ya Mongodisi
Dikopo tse potlakileng
Dinehelano/dithuso tsa nakwana
Diphetolelo
Ditefello tsa lekgetho le ditefiso tsa babuelli
Ditefiso tsa Lekgotla
Ditlhaloso
Ditokomane tse kentsweng ho tshohla dintlha tse tshwarehang
Ho amoheleha ha Molao wa Motheo
Ho hulwa ha dinyewe
Ho se tsamaelane le melawana
Ho thulana ha ditemana
Kamohelo ya molao wa motheo wa provense
Kenello ya Mekga ditshebetsong
Laeborari
Lekgotla
Matla a Boemedi kapa nehelano ya matla
Mehlala, meralo le dipontsho
Mesebetsi ya Mongodisi ka bophara
Moralo wa ditokomane
Phediso/Tlhakolo ya melawana
Phehisano
Phethahatso: Karolo ya 3 ya Molao wa Tlatsetso wa Lekgotla la Molao wa Motheo, 1995 (Molao No. 13 wa 1995)
Sehlooho se sekgutshwane
Thomelo ya Bili
Tiiso ya taelo ya ho se amohelehe ho ya ka molao wa motheo
Tlhahisoleseding ya tlatsetso e tla nehwa Mongodisi
Tshebediso ya dikarolo tse itseng tsa Molao wa Lekgotla le Phahameng, 1959 (Molao No. 59 wa 1959)
Tshebediso ya melawana e itseng ya Melawana e Tshwanang
Tshebeletso ya tshebetso
Tshebetso ya boipiletso
Tshebetso ya ho kenya kopo
Ditlhaloso
Melawaneng ena lentswe kapa polelo efe kapa efe e nehilweng moelelo ho Molao wa Motheo e tla boloka moelelo oo, ntle le ha mokotaba o bontsha ka mokgwa o mong?
afidavite ?tlaleho e nketsweng kano' e kenyeletsa nnetefatso kapa phatlalatso e lohothwang ke karolo ya 7 ya Molao wa Bahlanka ba Kgotso le Bakomishenare ba Dikano, 1963 (Molao wa No. 16 wa 1963);
ho etsa kopo' ho bolela ho kopa ho latela tsebiso ya tshitshinyo, mme ?kopo? e na le moelelo o nyalanang;
Moahlodi e Moholo' o bolela Moahlodi e Moholo wa Afrika Borwa ya thontsweng ho latela karolo ya 174 ya Molao wa Motheo;
Molao wa Motheo' o bolela Molao wa Motheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa, 1996;
Lekgotla' le bolela Lekgotla la Molao wa Motheo le hlomamisitsweng ho ya ka karolo ya 166(a) ya Molao wa Motheo, e balwa mmoho le karolwana 16 (a) ya Shejule 6 ho Molao wa Motheo;
Letsatsi la Lekgotla' le bolela letsatsi lefe kapa lefe ntle ho Moqebelo, Sontaha kapa letsatsi la setjhaba la phomolo, mme ke matsatsi a Lekgotla feela a tla kenngwa nakong efe kapa efe e bolelwang ka matsatsi a balletsweng ke melawana ena kapa a behilweng ke taelo efe kapa efe ya Lekgotla;
Motlatsi wa Moahlodi e Moholo' o bolela Motlatsi wa Moahlodi e Moholo ya thontsweng ho latela karolo ya 174 ya Molao wa Motheo;
ditataiso' di bolela ditataiso tse nehuweng ke Moahlodi e Moholo mabapi le mekgwatshebetso e tla latelwa tsamaisong le phethisong ya dinyewe;
moahlodi' o bolela moahlodi kapa moahlodi ya tshwaretseng wa Lekgotla ya thontsweng tlasa karolo ya 174 kapa 175 ya Molao wa Motheo, ya dutseng nqeng e nngwe ho ena le lekgotleng le butsweng;
tliniki ya molao' e bolela setsi bakeng sa thupelo ya mosebetsi wa molao ho baithuti ba lefapha la molao la yunivesithi Rephaboliking, mme e kenyeletsa le setsi sa molao se laolwang ke mokgatlo o sa shebang phaello o nehelanang ka ditshebeletso tsa molao ho setjhaba ntle ho tefiso mme e nnetefatswe jwalo ka ha ho hlahiswa ho karolo ya 3 (f) ya Molao wa Babuelli, 1979 (Molao wa No. 53 wa 1979);
moemedi wa molao' o bolela mmuelli wa lekgotla le phahameng ya amohetsweng ho latela karolo ya 3 ya Molao wa Kamohelo ya Babuelli ba Lekgotla le Phahameng, 1964 (Molao wa No. 74 wa 1964), kapa mmuelli ya amohetsweng ho latela karolo ya 15 ya Molao wa Babuelli, 1979 (Molao wa No. 53 wa 1979);
mokga' kapa tlhaloso efe kapa efe e lebisang ho mmuelli ho kenyeletsa le moemedi wa molao ya hlahang lebitsong la mokga, ho ya ka moo mokotaba o batlang ka teng;
Mopresidente' o bolela Mopresidente wa Lekgotla la Phahameng la Boipiletso;
Mongodisi' o bolela Mongodisi wa Lekgotla, mme o kenyeletsa Mongodisi wa Lekgotla ofe kapa ofe ya tshwaretseng kapa ya thusang, kapa ha bao ba le siyo motho ofe kapa ofe ya thontsweng ke Molaodi wa Lekgotla;
Sherifi' o bolela motho ya thontsweng ho latela karolo ya 2 ya Molao wa Disherifi, 1986 (Molao wa No. 90 wa 1986), mme o kenyeletsa motho ya thontsweng ho latela karolo ya 5 kapa karolo ya 6 ya Molao kapa motlatsi wa sherifi ka ho hlahlamana, mmoho le sherifi ya tshwaretseng kapa eo e leng motlatsi, ho latela molao ofe kapa ofe o e song ho fediswe ke bolaodi bo tshwanelehileng mme o sebetsang kapele pele ho qadisa Molao wa Motheo, sebakeng sefe kapa sefe seo e leng karolo ya lebatowa la naha;
Melawana ya Lekgotla le Phahameng la Boipiletso' e bolela melawana e laolang tsamaiso ya ditshebetso tsa Lekgotla le Phahameng la Boipiletso e phatlaladitsweng tlasa Tsebiso ya Mmuso No. R.?1523 ya 27 Pudungwana 1998; mmoho le
Melawana e Tshwanang' e bolelang melawana e laolang tsamaiso ya ditshebetso tsa dikarolo tse ngata tsa makgotla a phahameng a diprovense le mahae e phatlaladitsweng tlasa Tsebiso ya Mmuso No. R.?48 ya 12 Pherekgong 1965, jwalo ka ha e lokisitswe.
Matla afe le afe kapa taolo e matsohong a Moahlodi e Moholo ho ya ka melawana ena a ka sebediswa ke moahlodi kapa baahlodi ba thontsweng ke Moahlodi e Moholo ka sepheo seo.
Ho lebisa hofe kapa hofe melawanang ena ho mokga o tshwanetseng ho saena ditokomane ho tla nkuwa ho kenyeletsa ho lebisa ho moemedi wa molao ya emetseng mokga o jwalo, mme ho lebisa ho nehelano ya ditokomane ho Mongodisi ho kenyeletsa tshebetso ya ka pele ya ditokomane tse jwalo ho mekga e meng le nehelano ho Mongodisi, ya dikhopi tse 25 tsa ditokomane tse lokelang mme le tlhahiso ya khopi ya khompyutha ya tsona e tsamaelanang le tshebetso ya dikhompyutha tsa Lekgotla.
Ditsebiso, ditataiso kapa tse ding dikgokahano ho latela melawana ena di ka nehwa kapa tsa romelwa ka poso e nang le tiiso kapa ka fekse kapa khopi ya khompyutha: Ha e le hore, tsebiso kapa e nngwe ya kgokahano e nehelwa ka khopi ya khompyutha, mokga o nehuweng tsebiso e jwalo kapa kgokahano hanghang o tla nehela ho Mongodisi khopi e hatisitsweng ya tsebiso kapa kgokahano, le lengolo la tiiso le saennweng ke mokga o jwalo le nnetefatsang letsatsi la kgokahano kapa tsebiso e jwalo.
Moahlodi a Moholo a ka atolosa moedi wa nako efe kapa efe e balletsweng melawanang ena.
Diphehisano tse ngotsweng, dikarabo le ditlhahiso dife kapa dife tse ding ho Lekgotla di tla hlaka mme di be kgutshwane.
Dikopo di tla baleha mme mela e siyane ka dibaka tse pedi, e ngolwe ka mokgwa wa motjhini pampiring ya boholo ba A4.
Ho ya ka molao 5, dipehelo tsa molao 4 tsa Melawana e Tshwanang di tla sebetsa, ka ditokiso tse ka hlokehang, ho nehelana ka tshebeletso le ho efe kapa efe tshebetso ya Lekgotla.
KAROLO YA I
Lekgotla
Ho tla ba le dinako tse nne tsa tshebetso selemong ka seng ka mokgwa ona:
Hlakola ho ya ho 31 Hlakubele, ho kenyeletswa matsatsi ana ohle;
Motsheanong ho ya ho 31 Motsheanong, ho kenyeletswa matsatsi ana ohle;
Phato ho ya ho 30 Loetse, ho kenyeletswa matsatsi ana ohle;
Pudungwana ho ya ho 30 Pudungwana, ho kenyeletswa matsatsi ana ohle.
Nyewe e ka nna ya dulelwa ka nako e ka ntle ho ya tshebetso ha Moahlodi e Moholo a laela jwalo.
Ha letsatsi le behetsweng ho qadisa ha nako ya tshebetso e se letsatsi la Lekgotla, nako ya tshebetsso e tla ba letsatsing le hlahlamang la Lekgotla, mme ha letsatsi le behetsweng ho ba la ho qetela la nako ya tshebetso e se letsatsi la Lekgotla, nako ya tshebetso e tla fela letsatsing le etellang pele letsatsi la Lekgotla.
Dihora tsa mosebetsi tsa ofisi ya Mongodisi
Ofisi ya Mongodisi e tla bula ho tloha ka 08:30 ho ya ho 13:00 ho tloha ho 14:00 ho ya ho 15:30 matsatsing ao Lekgotla le dulang ka ona.
Maemong a sa tlwaelehang Mongodisi a ka amohela ditokomane ka nako e ka ntle ho dihora tsa mosebetsi, mme hoo o tla ho etsa ha a laelwa ke moahlodi.
Tsebiso ya boipiletso, taelo ya lekgotla e romelang morero ofe kapa ofe wa lekgotla le leng ho Lekgotla, kapa tokomane e nngwe eo ditshebetso tsa yona di qalwang Lekgotleng ho ya ka melawana ena e tla nomorwa ke Mongodisi ka nomoro ya tatelano ya selemo seo ho nehelanwang ka yona..
Tokomane e nngwe le e nngwe e kentsweng ya nyewe e jwalo ka mora moo kapa le efe nyewe e latelang ho tswela pele ka yona e tla tshwauwa ka nomoro eo ke mokga o e kenyang mme e ke ke ya amohelwa ke Mongodisi ho fihlela e tshwauwe jwalo.
Ditokomane tsohle tse tlisitsweng ho Mongodisi hore di tlo kena faeleng ya nyewe di tla kenngwa faeleng ke Mongodisi faeleng ya nyewe tlasa nomoro ya nyewe e jwalo.
Ditokomane tsohle tseo ho lebiswang ho tsona ho molawana o monynyane wa 1 di tla tlameha ho lefellwa R75,00 ya ditefiso tsa lekgotla ka mokgwa wa ditempe tsa tjhelete e kenang ho mmuso: Ho itshetlehile tabeng ya hore mokga o kgotsofatsa Mongodisi ho ya ka molawana o monyenyane wa 5 hore ke mofumanehi, tefo ya ditefiso tsa lekgotla e tla qhelelwa ka thoko ke Mongodisi ya tla ngola ntlha ya ketso eo leqepheng la pele la tokomane eo ho buuwang ka yona.
Mokga o lakatsang ho qadisa kapa ho phehisana le ditshebetso tsa Lekgotla mme ya nahanang hore ke mofumanehi, kapa le mang feela bitsong la mokga o jwalo, o tla kgotsofatsa Mongodisi hore, ka ntle ho thepa ya ntlo,diaparo le disebediswa tsa ho sebetsa, motho wa mokga o jwalo ha a na thepa e ka fihlellang ho R20?000 mme a ke ke be a kgona ho nehelana ka tjhelete e kaalo nakong e amohelehileng ho tswa tjheleteng eo a e fumanang.
Moo ho etsuwang difotokhopi teng, tefiso e balletsweng ho molawana o monynyane wa 6a e tla lokela ho lefshwa. Dikhopi tsa rekoto di ka etsuwa le ke mang feela ha Mongodisi a le teng.
a Mongodisi o tla etsa khopi ya tokomane le efe ya lekgotla tlasa kopo ya mokga mabapi le tefiso ya lekgotla ya tefello ka ditempe tsa tjhelete e kenang ya R0,50 bakeng sa khopi e nngwe le e nngwe ya leqephe la A4 kapa karolo ya lona mme malebana le tefo ya tefiso ya R1,00 o tla tiisa hore ke khopi ya nnete ya khopi ya motheo.
b Tefello ya ditefiso tsa lekgotla e ka qhelelwa ka thoko ke Mongodisi ha motho eo ho lebiswang ho yena e le mofuma ho ya ka melawana e menyenyane ya 4 le 5.
Ha Lekgotla le etsa phatlalatso ya taelo kapa le tiisa molao ofe kapa ofe kapa pehelo ya ho se tsamaelane le Molao wa Motheo tlasa karolo ya 172 ya Molao wa Motheo, Ho sa feta matsatsi a 15 taelo e jwalo e entswe Mongodisi o tla etsa hore, taelo e jwalo e phatlalatswe Lesedinyaneng la Mmuso le ho masedinyana a jwalo a diprovense ha taelo e ama melawana ya provense.
Mongodisi o tla phatlalatsa lenaneo la dikopano tsa ho mamela, e tla mamaretswa botong ya ditsebiso moahong wa Lekgotla nakong e seng ka kwano ho matsatsi a 15 pele ho karolo ka nngwe ya sehla sa tshebetso ho hlophisetsa baemedi ba molao le tsebiso ya setjhaba.
Tataiso mabapi le tshebetso efe kapa efe e tla nehelwa ho mekga ke Mongodisi nakong ya matsatsi a mahlano ditataiso tse jwalo di nehilwe.
a Mongodisi o tla boloka direkoto tsa Lekgotla mme a ke ke a dumella hore le dife tsa tsona di tloswe meahong ya lekgotla.
b Tokomane efe le efe e kentsweng ho Mongodisi mme e entsweng karolo ya direkoto tsa Lekgotla e ke ke be ya tloswa ka botlalo difaeleng tse molaong tsa lekgotla.
c Ka mora phethahatso ya ditshebetso tsa Lekgotla, direkoto dife le dife tsa motheo le dipampiri tse tlisitsweng kgotla ka taelo efe kapa efe ya lekgotla di tla kgutlisetswa lekgotleng leo di neng di fumanwe ho lona.
a Ha ho hlokomeleha ho Mongodisi hore mokga ha o na boemedi, o tla lebisa mokga oo ho ofisi e haufi kapa ofisiri ya Khomishene ya Ditokelo tsa Botho, Boto ya Dithuso ho tsa Molao, tliliniki ya tsa molao kapa lekgotla le jwalo le tshwanelehileng kapa setsi se ikemiseditseng mme se maemong a ho thusa mokga o jwalo.
b Mmuso kapa Mongodisi o ke ke wa ba le boikarabelo bakeng sa tshenyeho efe kapa efe kapa tahlehelo e bakilweng ke thuso e nehuweng ka moya o motle ke Mongodisi mokgeng o jwalo ditshebetsong tsa Lekgotla kapa phethahatsong ya taelo ho ya ka melawana ena ka mokgwa wa keletso ya molao kapa tlhophisong kapa tokisong ya tshebetso kapa tokomane efe kapa efe.
KOPANELO YA MORERO KE MAKALA A PUSO
Tshebeletso ya tshebetso
Morerong ofe kapa ofe, ho kenyeletsa le boipiletso bofe kapa bofe, moo ho nang le phehisano ka ho tsamaelana le molao wa motheo wa tshebetso efe kapa efe ya phethahatso kapa ya tsamaiso kapa boitshwaro kapa tshoso ya ketso ya phethahatso kapa ya tsamaiso kapa ya boitshwaro, patlisisong efe kapa efe mabapi le ho tsamaelana le molao wa motheo ha molao ofe kapa ofe, ho kenyeletsa le Molao wa Palamente kapa molao wa provense, kapa bolaodi bo nang le boikarabelo ba phethahatso kapa tsamaiso kapa boitshwaro kapa tshoso ya bona kapa tsamaisong ya molao ofe kapa ofe o jwalo o sa bolelwang e le karolo ya nyewe, mokga o botsolotsang ho tsamaelana le molao wa motheo wa ketso e jwalo kapa boitshwaro kapa molao o tla nka dikgato tsa ho kopana le bolaodi bo amehang ho ba karolo ditshebetsong, nakong ya matsatsi a mahlano a ho kenya tokomane ho Mongodisi moo pelaelo e jwalo e hlahiswang lekgetlo la pele ditshebetsong pela Lekgotla. Ha ho taelo e phatlalatsang ketso e jwalo, boitshwaro kapa molao o sa tsamaelaneng le molao wa motheo e tla etsuwa ke Lekgotla tabeng e jwalo ntle le ha ditlhophiso tsa molao ona di ananetswe.
KAROLO YA I
MEKGA
Boemedi ba Mekga
Ntle le moo Lekgotla kapa Moahlodi e Moholo a laelang ka mokgwa o mong, ha ho motho ya tla ba le tokelo ya ho hlaha lebitsong la mokga ofe kapa ofe ditshebetsong tsa Lekgotla ntle le ha eba o na le tokelo ya ho hlaha pela makgotla a phahameng.
Ha mokga o eshwa kapa o se be boemong ba ho tswela pele ka ditshebetso dife kapa dife, ditshebetso ka lebaka leo di tla emiswa ho fihlela moemedi ya nehuweng matla kapa motho ya boemong bo amohelehang a thontswe bakeng sa mokga o jwalo, kapa ho fihlela ho se boemong bo jwalo ho fela ho ba teng.
Moo motho ya nehuweng matla kapa ya boemong bo amohelehang a thontswe, ho ya ka kopo, Lekgotla le ka laela hore motho ya jwalo ya nehuweng matla kapa ya boemong bo amohelehang a nke sebaka sa mokga o shweleng kapa o seng boemong.
Kenello ya Mekga ditshebetsong
Motho ofe le ofe ya nang le tokelo ya ho ikamahanya jwalo ka mokga kapa ya nang le boikarabelo ba ho ikamahanya jwalo ka mokga ditshebetsong ka nako efe kapa efe ya ditshebetso a ka kopa tesello ya ho kenella jwalo ka mokga, ha a tsebisitse mekga yohle. Lekgotla kapa Moahlodi e Moholo ka mora ho fumana kopo e jwaloa etse taelo e jwalo, ho kenyeletsa le efe taelo ho ya ka ditshenyehelo, le ho nehelana ka ditataiso tse jwalo mabapi le e meng mekgwatshebeso ditshebetsong tse ka hlokehang.
Matla a Boemedi kapa nehelano ya matla
Matla a boemedi ha a hloke ho kenngwa faeleng, empa matla a setsebi sa molao a ho sebetsa lebitsong la mokga ofe kapa ofe a ka phehiswa ka tsebiso, nakong ya matsatsi a 21 ka mora ho hlokomelwa ke mokga ofe kapa ofe hore setsebi sa molao se sebetsa jwalo, kapa ka tumello ya Lekgotla ka moya o motle o bontshitsweng le neng feela pele ho kahlolo, mme ka mora moo setsebi sa molao ha se a tshwanela ho sebetsa jwalo, ntle le ha matla a boemedi a kentswe ho Mongodisi nakong ya matsatsi a 21 a tsebiso e jwalo.
Matla a mang le a mang a boemedi kapa nehelano ya matla a tla kenngwa mme a saenwe ke kapa lebitsong la mokga o nehanang ka ona, mme a tla ntshetswa pele ka tshwanelo ho ya ka molao.
Ha ho matla a boemedi kapa nehelano ya matla e tla hlokwa hore e kenngwe le ke mang feela ya sebetsang lebitsong la Mmuso.
KAROLO YA
Ka ho ya ka melawana ena, motho ofe le ofe ya nang le thahasello ho ntho efe kapa efe e pela Lekgotla, ka tumello e ngotsweng ya mekga yohle e amehang tabeng e pela Lekgotla, e nehuweng ho sa feta nako e behilweng ho molawana 5, a ka amohelwa kgotla jwalo ka motswalle wa lekgotla amicus curiae tlasa ditaelo le maemo le ditokelo le ditesello tseo ho ka dumellanwang ka tsona ka ho ngolwa ke mekga yohle e pela Lekgotla kapa ho ya ka moo Moahlodi e Moholo a tataisang ka teng ho ya ka molawana o monyenyane wa 3.
Tumello e ngotsweng e bolelwang ho molawana o monyenyane wa 1 e tla kenngwa ho Mongodisi, nakong ya matsatsi a mahlano ka mora hoba e fumanwe, mme motswalle wa lekgotla, ho eketsa ho ditlhophiso dife le dife tse ding, o tla ananela dinako tseo ho dumellanweng ka tsona bakeng sa ho kenya tseko e ngotsweng.
Moahlodi a Moholo a ka lokisa ditaelo, maemo, ditokelo le menyetla eo ho dumellanweng ka yona jwalo ka ha ho boletswe ho molawana o monyenyane wa 1.
Haeba tumello e ngotsweng eo e bolelwang ho molawana monyenyane wa 1 ha e a fumanwa, motho ofe le ofe ya nang le thahasello tabeng efe le efe e pela Lekgotla a ka etsa kopo ho Moahlodi e Moholo hore a amohelwe moo jwalo ka motswalle wa lekgotla amicus curiae, mme Moahlodi e Moholo a ka amohela kopo e jwalo tlasa ditlamo le maemo mmoho le ditokelo le menyetla eo a ka fihlellang qeto ya yona.
Ha meedi ya nako e sa ballwa ditataisong tse nehuweng tabeng eo kopo e tobaneng le dinehelano tsa molawana o monynyane wa 4 e tla etsuwa ho sa feta matsatsi a mahlano ka mora ho kenya tlhahiso e ngotsweng ya mokopi kapa ka mora ho fela ha nako ya ho kenya tlhahiso e jwalo.
Kopo ya ho amohelwa jwalo ka motswalle wa lekgotla amicus curiae e tla -
a hlalosa hakgutshwane thahasello ya motswalle wa lekgotla ditshebetsong;
b hlwaya hakgutshwane kemo e tla nkuwa ke motswalle wa lekgotla ditshebetsong; ebile c manolla ditlhahiso tse tla hlahiswa ke motswalle wa lekgotla, ho tsamaelana ha tsona le ditshebetso le mabaka a hore a kgolwe hore ditlhahiso di tla thusa Lekgotla mme di arohile ho tsa mekga e meng.
Motswalle wa lekgotla o tla ba le tokelo ya ho kenya tseko e ngotsweng, ho itshetlehile hore tseko e jwalo ha e phete ntlha e behuweng ho tseko ya mahlakore a mang mme e hlahisa dintlha tse ntjha tse ka bang le thuso ho Lekgotla.
Ho ya ka dipehelo tsa molawana wa 31, moedi wa motswalle wa lekgotla o tla fella ngodisong ya boipiletso kapa tjhebong ya dintlha tse fumanweng di tiiswa ditshebetsong tse ding mme di ke ke tsa eketswa mme tsa hlahiswa puisanong ya molomo.
Taelo e nehelanang ka kamohelo jwalo ka motswalle wa lekgotla e tla kgetholla letsatsi la ho kenya tseko e ngotsweng ya motswalle wa lekgotla kapa le efe taba e nngwe e nang le nyalano.
Taelo ya Lekgotla e shebaneng le ditshenyehelo e ka etsa tlhophiso ya tefo ya ditshenyehelo tseo ho kenweng ho tsona ke kapa ka lebaka la kenello ya motswalle wa lekgotla.
Pehelo ya molawana wa 13 e tla sebetsa, le ditokiso tse ka hlokehang, ho motswalle wa lekgotla.
DIKOPO
Tshebetso ya ho kenya kopo
Ntle le ha ho hlophisitswe ka mokgwa o mong, tabeng efe kapa efe e hlokang hore ho kenngwe kopo ya sepheo sefe kapa sefe, ho kenyeletsa -
a taba e lohothwang karolong ya 1674a ya Molao wa Motheo, le b ho fumana ditataiso Lekgotleng, kopo e jwalo e tla tliswa ho tshitshinyo ya tsebiso e tshehetswang ke afidavite tlaleho e nketsweng kano e leng dintlha tseo mokopi a tshepetseng ho tsona hore a fumane tesello mme o tla bolela aterese [e ka bang dikilometara tse 25 ho tloha ofising ya Mongodisi] a bolela aterese ya bodulo le ya poso le fekse, dinomoro tsa founu le aterese ya khompyutha e leng e-mail, ha di fumaneha, moo a tlang ho amohela tsebiso le neheletso ya ditokomane ditshebetsong mme o tla bolela letsatsi, le seng ka kwano ho matsatsi a mahlano ka mora neheletso eo ho moqosuwa, kapa pele moqosuwa eo a lebellwa ho tsebisa mokopi ka ho ngola hore o ikemiseditse ho phehisana le kopo e jwalo mme o tla tswela pele ho bolela hore ha ho se tsebiso e jwalo eo ho nehelanweng ka yona, Mongodisi o tla kotjwa ho beha taba ena pela Moahlodi e Moholo ho sebetsana le yona ho ya ka molawana o monyenyane wa 4.
Ha tesello e tsekwa kgahlanong le motho ofe kapa ofe, bolaodi, mmuso, lekala la puso kapa mokgatlo, kapa moo ho hlokehang kapa ho tshwanelehileng ho neha le efe ya ditsebiso tse seng di boletswe tsa kopo e bolelwang molawaneng o monyenyane wa 1, tshitshinyo ya tsebiso e tla lebisa ho Mongodisi le ya seng a boletswe, mme e tla bolela dintlha, tse kenyeletsang aterese ya bodulo, fekse, dinomoro tsa founu le aterese ya khompyutha e leng e-mail, ha di fumaneha, tsa mokga oo tesello e batlwang ho wona, jwalo ka tseo di tla etsa hore Mongodisi a kgone ho hokelana le mokga o jwalo, ho seng jwalo e tla lebiswa ho Mongodisi mme e tla ba haufi ho ya ka moo ho kgonehang ho ya ka Foromo ya 1 kapa 2, ho ya ka moo maemo a ka bang ka teng.
a Mang le mang ya phehisang nehelano ya taelo e batlwang tshitshinyong ya tsebiso o tla-
i tsebisa mokopi le Mongodisi ka ho ngola, nakong e behuweng tsebisong e boletsweng, maikemisetso a hae a ho phehisa kopo mme kopong e jwalo o tla kgetha aterese e ka bang dikilometara tse 25 ho tloha ofising ya Mongodisi moo a tlang ho amohela tsebiso le neheletso ya ditokomane tsohle tsa tshebetso;
ii nakong ya matsatsi a 15 a ho tsebisa mokopi ka maikemisetso a hae a ho phehisa kopo a kenye afidavite e arabang, ha e le teng, mmoho le ditokomane dife kapa dife tsa nyalanang le taba, tse ka kenyeletsang diafidavite tse tshehetsang.
b Mokopi a ka kenya afidavite e arabang nakong ya matsatsi a 10 a ho nehelwa afivavite le ditokomane tse boletsweng temaneng ya aii.
c i Moo ho se nang tsebiso e nehilweng ya ho phehisa kapa moo ho se nang afidavite e arabang e kentsweng ho ya ka temana a ii nakong e boletsweng temaneng ya aii, nakong ya matsatsi a mahlano a ho fela ha nako, Mongodisi o tla beha kopo pela Moahlodi e Moholo.
ii Moo afidavite e arabang e kentsweng, Mongodisi o tla beha kopo pela Moahlodi e Moholo nakong ya matsatsi a mahlano a ho kenngwa ha afidavite e arabang kapa, ha ho se afidavite e arabang e kentsweng, nakong ya matsatsi a mahlano a ho fellwa ha nako e boletsweng temaneng ya b.
d Moahlodi e Moholo a ka dumella ho kenngwa ha tse ding diafidavite, ha a neha ditataiso tlasa molawana o monyenyane wa 4.
Ha kopo e behuwe pela Moahlodi e Moholo ho ya ka molawana o monyenyane wa 3c, o tla neha ditaelo tsa hore kopo e sebetswe jwang le hore, ka ho ikgethang, na e tla dulelwa ho ka mamelwa kapa e tla sebetswa ho itshetlehilwe ho phehisano e ngotsweng kapa ka kakaretso ho itshetlehilwe ho dintlha tse fuperweng ke diafidavite.
Dikopo tse potlakileng
Dikopong tse potlakileng, Moahlodi e Moholo a ka ntsha diforomo le tshebetso e nehelwang ke melawana ena mme a ka neha ditaelo tsa hore taba e sebetswe ka nako le mokgwa ho ya ka mokgwatshebetso, o ka kgonehang ho ya ka melawana ena, ho ya ka moo ho ka tshwanelehang.
Kopo ho ya ka molawana 1 e tla felehetswa ke afidavite e tla hlahisa ka ho otloloha maemo a nehang toka ya ho fapoha ho mekgwatshebetso ya tlwaelo ha ho etsuwa tshitshinyo ya tsebiso.
Phehisano
Phehisano e ngotsweng e tla kenngwa faeleng ka nako. E tla fupara lenaneo la dikahare, le lenaneo la mehlodi le maqephe moo ho lebisitsweng ho wona tokomaneng eo ho qotsitsweng ho yona.
Phehisano ya molomo e ke ke ya dumellwa ha ditaelo tse jwalo di nehuwe ke Moahlodi e Moholo.
a Phehisano ya molomo e tla loka dintlheng tse pela Lekgotla mme bolelele ba yona bo tla laolwa ke meedi ya nako e tla behwa ke Moahlodi e Moholo.
b Mekga e tla nka hore baahlodi bohle ba di badile diphehisano tse ngotsweng le hore ha ho hlokahale hore ho phetwe tse fuperweng moo.
a Phehisano e ka hlahiswa Lekgotleng le ka efe puo e molaong mme mokga o amehang ha o na boikarabelo ba ho nehelana ka toloko.
b Ha motho a lakatsa ho bua le Lekgotla ka puo e nngwe e molaong ntle le eo motho ya jwalo a e sebedisitseng phehisanong e ngotsweng, motho ya jwalo o tla neha Mongodisi tsebiso e ngotsweng, bonyane matsatsi a supileng pele ho dulelwa taba e tla tshohlwa, maikemisetso a hae a ho sebedisa e nngwe puo e molaong mme o tla bolela hore puo eo ke efe.
Ka ho ya ka tshitshinyo ya Lekgotla, kapa ka ho ya ka kopo ya mokga o le mong kapa e sehlotshwana, Lekgotla le ka laela hore dinyewe tse pedi kapa tse fetang moo, tse akgang dintlha tse tshwanang kapa tse nyalanang, ho phehisanwe ka tsona jwalo ka nyewe e le nngwe kapa ho ya ka moo ho ka ballwang ka teng.
MERERO E TAOLONG YA LEKGOTLA KA HO KGETHEHILENG
Kopo ya tekodisiso ya Bili
Kopo ya tekodisiso ya Bili ho ya ka karolo ya 794b kapa 1212b ya Molao wa Motheo ke Mopresidente wa Rephaboliki ya Afrika Borwa kapa ke Tonakgolo ya provense, ho ya ka maemo, e tla ba ka ho ngolwa mme e romelwe ho Mongodisi le Modulasetulo wa Seboka sa Setjhaba le Modulasetulo wa Komiti ya Setjhaba ya Lekgotla la Diprovense, kapa Modulasetulo wa ketsamolao ya provense e amehang, ho ya ka maemo.
Tekodisiso e jwalo e tla qolla-
a pehelo kapa dipehelo tsa Bili Bili eo Mopresidente wa Rephaboliki ya Afrika Borwa kapa Tonakgolo ya provense a nang le kgwao ka yona;
b pehelo kapa dipehelo tsa molao wa motheo tse amanang le kgwao e jwalo; mmoho c le metheo kapa mabaka a kgwao e jwalo.
Mekgatlo ya dipolotiki e nang le boemedi Palamenteng ya naha kapa ketsamolao ya provense e amehang, ho ya ka maemo, e tla ba le tokelo ya ho etsa ditshisinyo tse ngotsweng tse tsamaelanang le ho tshohlwa ha morero nakong e sehuweng ditaelong tse nehuweng tlasa molawana o monyenyane wa 4.
Ha tekodisiso e fumanwa, morero o tla tshohlwa ho ya ka ditaelo tse nehuweng ke Moahlodi e Moholo, tse ka kenyeletsang ditaelo-
a tse kopang Modulasetulo wa Palamente kapa Modulasetulo wa Lekgotla la Setjhaba la Diprovense ya amehang, ho ya ka maemo, ho nehelana ka tlhahisoleseding e tlatsetsang ho ya ka moo Moahlodi e Moholo a ka bonang ho hlokeha kapa ho ka ba molemo ho tshohla morero; le b ho mema mekgatlo yohle ya dipolotiki e nang le thahasello Palamenteng ya setjhaba kapa ketsamolaong ya provense e amehang, ho ya ka maemo, e ka lakatsang ho etsa ditlhahiso tse ngotsweng tse tsamaelanang le ho tshohla morero nakong e behuweng taelong e jwalo.
Ho dumellana ha Molao le Molao wa Motheo
Kopo ya ditho tsa Lekgotla la Setjhaba kapa tsa ketsamolao ya provense ho ya ka dikarolo 801 le 1221 tsa Molao wa Motheo e tla tliswa ka tsebiso ya tshisinyo e tshehetswang ke afidavite ya ditletlebo tseo bakopi ba tshepang di tla lokiswa mme e tla kenngwa ho Mongodisi mme e nehelwe Modulasetulo wa Lekgotla la Setjhaba le, moo ho tshwanelehileng, Modulasetulo wa ketsamolao ya provense e amehang, ho ya ka maemo.
Tsebiso e tla kopa Modulasetulo wa Palamente le, ha ho tshwanelehile, Modulasetulo wa Lekgotla la Setjhaba la Diprovense, ho hlokomedisa mekgatlo yohle ya dipolotiki e nang le boemedi tlung e tshwanelehileng kapa ketsamolao ka mongolo nakong ya matsatsi a mahlano a ho nehelwa kopo e jwalo.
Kopo eo ho lebiswang ho yona ho molawana o monyenyane wa 1 e tla felehetswa ke lengolo la tiiso la Modulasetulo wa ketsamolao e amehang hore ditlhoko tsa karolo ya 802a kapa karolo ya 1222a ya Molao wa Motheo, ho ya ka maemo, di kgotsofaditswe.
Kopo eo ho lebiswang ho yona ho molawana o monyenyane wa 1 e tla qolla le hore-
a pehelo kapa dipehelo tsa Molao di a botsolotswa;
b peheho kapa dipehelo tse tshwanelehileng tsa Molao wa Motheo di tshepetse potsolotsong e jwalo;
c metheo eo dipehelo tse amehang di nkuwang di phehisana; le d tokiso, ho kenyeletsa le tokiso ya nakwana, e hlokwang.
a Mokgatlo ofe kapa ofe wa dipolotiki ketsamolaong e amehang kapa le ofe mmuso o batlang ho phehisa nehelano ya taelo e batlwang kopong e jwalo o tla tsebisa Mongodisi ka mongolo nakong ya matsatsi a 15 a kopo e jwalo hore o ikemiseditse ho e phehisa mme, tsebisong e jwalo, o tla kgetha aterese moo mokgatlo o jwalo kapa mmuso o tla amohela tsebiso le neheletso ya ditokomane tsohle tsa tshebetso.
b Ha tsebiso e jwalo e nehuwe, kopo e tla sebetswa ho ya ka dipehelo tsa molao 11.
Ha tsebiso ya ho phehisa e sa kenngwa ho ya ka molawana o monyenyane wa 5, morero o tla sebetswa ho ya ka ditaelo tse nehilweng ke Moahlodi e Moholo, tse ka kenyeletsang taelo-
a e memang ho tliswa ha tlhahisoleseding e tlatsetsang ho ya ka moo Moahlodi e Moholo a ka bonang ho hlokeha kapa ho tla thusa ho tshohlweng ha morero; le b hore mekgatlo yohle ya dipolotiki e Palamenteng ya naha kapa ketsamolao ya provense e amehang, ho ya ka maemo, e nang le thahasello mme e lakatsang e etse ditlhahiso tse jwalo tse ngotsweng tse tsamaelanang le ho tshohlwa ha morero nakong e behilweng taelong e jwalo.
Tiiso ya taelo ya ho se amohelehe ho ya ka molao wa motheo
Mongodisi wa lekgotla le entseng taelo ya ho se amohelehe ho ya ka molao wa motheo jwalo ka ha ho lohothwa karolong ya 172 ya Molao wa Motheo, o tla kenya ho Mongodisi wa Lekgotla khopi ya taelo e jwalo, nakong ya matsatsi a 15 a ho etsa taelo eo.
Motho kapa lekala la puso le nang le tokelo ya ho etsa jwalo mme ya lakatsang ho etsa boipiletso kgahlanong le taelo e jwalo ho ya ka karolo ya 1722d ya Molao wa Motheo, matsatsing a 15 a ho etsuwa ha taelo e jwalo, o tla kenya tsebiso ya boipiletso ho Mongodisi le khopi ya yona ho Mongodisi wa lekgotla le entseng taelo eo, mme morero o tla sebetswa ho ya ka ditaelo tse nehuweng ke Moahlodi e Moholo.
Moipiletsi tsebisong e jwalo ya boipiletso o tla nehelana ka metheo e hlakileng eo boipiletso bo thehilweng ho yona, a bontsha diphumano tsa dintlha le/kapa molao tseo ho ipiletswang kgahlanong wona le ntho e neng e tshwanetse e be e entswe ke taelo.
Motho kapa lekala la puso le nang le tokelo ya ho etsa jwalo mme ya lakatsang ho etsa kopo ya ho tiisa taelo ho ya ka karolo ya 1722d ya Molao wa Motheo, nakong ya matsatsi a 15 a ho etsa taelo e jwalo, o tla kenya kopo ya tiiso e jwalo ho Mongodisi le khopi ya yona ho Mongodisi wa lekgotla le entseng taelo, mme morero o tla sebetswa ho ya ka ditaelo tse nehuweng ke Moahlodi e Moholo.
Ha ho se tsebiso kapa kopo jwalo ka ho lohothwa ho melawana e menyenyane ya 2 le 4, ka ho hlahlamana, e kentsweng nakong e balletsweng, morero wa tiiso ya taelo ya ho se amohelehe o tla sebetswa ho ya ka ditaelo tse nehuweng ke Moahlodi e Moholo.
Kamohelo ya molao wa motheo wa provense
Modulasetulo wa ketsamolao ya provense e fetisitseng kapa ya lokisa molao wa motheo ho ya ka dikarolo tsa 142 le 1442 tsa Molao wa Motheo e lakatsang hore molao wa motheo o jwalo kapa tokiso ya molao wa motheo o amohelwe ke Lekgotla o tla tiisa ka mongolo dikahare tsa molao wa motheo kapa tokiso e fetisitsweng ke ketsamolao ya provense mme a nehelane ka molao wa motheo o jwalo kapa tokiso ya molao wa motheo ho Mongodisi ka kopo e molaong ho Lekgotla ho phetha mesebetsi ya lona ho ya ka karolo ya 144 ya Molao wa Motheo.
Tiiso e lohothwang ke molawana o monyenyane wa 1 e tla kenyeletsa tlaleho e kgethollang hore molao wa motheo kapa tokiso ya molao wa motheo e fetisitswe ka bongata bo hlokwang.
Mokgatlo ofe kapa ofe wa dipolotiki o nang le boemedi ketsamolaong ya provense o tla ba le tokelo ya ho hlahisa phehiso ya molomo ho Lekgotla, ho itshetlehile ntlheng ya hore mokgatlo o jwalo wa dipolotiki o ka kotjwa ho nehelana ka tshisinyo e ngotsweng ho Lekgotla pele ho phehiso ya molomo.
Ha kopo e amohetswe e bolelwang ho molawana 1, morero o tla sebetswa ho ya ka ditaelo tsa Moahlodi e Moholo, tse ka kenyeletsang -
a thomelo ho Modulasetulo wa ketsamolao ho nehelana ka dintlha tse tlatsetsang ho ya ka moo Moahlodi e Moholo a ka bonang ho hlokeha kapa ho ka thusa ho tshohla morero;
b taelo e tla etsuwa, e behang nako eo ho ka romelwang ditlhahiso tse ngotsweng tse tswang ho mekgatlo ya dipolotiki e nang le thahasello;
c taelo ya hore le dife ditlhahiso tse ngotsweng di etsuwe ho ya ka temana b e lokela hore e hlokomediswe mekgatlo e meng ya dipolotiki ketsamolaong ya provense ka mekgwa eo Moahlodi e Moholo a tla bona e tshwanelehile.
Taelo ya Lekgotla ho latela karolo ya 144 ya Molao wa Motheo e ka qolla dipehelo tsa molao wa motheo wa provense kapa wa tokiso ya molao wa motheo, ha e le teng, e tsamaelanang le e sa tsamaelaneng le Molao wa Motheo.
Kopo ya phihlello e tobileng jwalo ka ha e lohothwa ke karolo ya 1676a ya Molao wa Motheo e tla tliswa ka tsebiso ya tshisinyo, e tla tshehetswa ka afidavite, e tla bolela dintlha tseo mokopi a tshepetseng ho tsona ho fumana thuso.
Kopo ka ho ya ka molawana o monyenyane wa 1 e tla kenngwa ho Mongodisi mme e nehelwe mekga yohle e nang le thahasello e tobileng kapa e ngata ho thuso e tsekwang mme e tla hlahisa -
a metheo eo ho kgolwang hore ke molemong wa toka hore taelo ya phihlello e tobileng ho nehelanwe ka yona;
b boleng ba thuso e batlwang le metheo eo thuso e jwalo e thehilweng ho yona;
c le hore na morero o ka tshohlwa ke Lekgotla ntle le ho utlwa bopaki ba molomo le hore, ha e ke ke ya kgona, d bopaki bo jwalo bo ka bokellwa jwang le hore ho rarollwe dintlha tsa kgohlano.
Motho ofe kapa ofe kapa mokga ya lakatsang ho phehisa kopo, nakong ya matsatsi a 10 ka mora ho kenngwa ha kopo, o tla tsebisa mokopi le Mongodisi ka ho ngola ka boikemisetso ba hae ba ho phehisa.
Ka mora hore tsebiso e jwalo ya ho ikemisetsa ho phehisa e fumanwe ke Mongodisi kapa moo nako ya ho kenya tsebiso e jwalo e feletsweng, morero o tla sebetswa ho ya ka ditaelo tse nehuweng ke Moahlodi e Moholo, tse ka kenyeletsang -
a taelo e memang baqosuwa ho romela ditlhahiso tse ngotsweng ho Lekgotla nakong e balletsweng hore na phihlello e tobileng ho nehelanwe ka yona kapa tjhe; kapa b taelo e supang hore ha ho ditlhahiso tse ngotsweng kapa diafidavite tse hlokang ho kenngwa difaeleng.
Dikopo tsa phihlello e tobileng di ka tshohlwa ka potlako, ntle ho diphehisano tsa molomo kapa tse ngotsweng ho ena le dikahare tsa kopo ka boyona: Ho itshetlehile ntlheng ya hore moo moqosuwa a bontshitseng boikemisetso ba hae ba ho phehisa ho ya ka molawana 3, kopo ya phihlello e tobileng e tla ananelwa feela ka mora hore dipehelo tsa molawana o monyenyane wa 4a di ananelwe.
Boipiletso
Tshebetso e hlahiswang ke molao ona e tla latelwa kopong ya ho dumellwa ho ipiletsa ho Lekgotla moo qeto ya morero wa molao wa motheo, ntle le taelo ya ho se amohelehe ho ya ka molao wa motheo tlasa karolo ya 1722a ya Molao wa Motheo, e nehuweng ke lekgotla lefe kapa lefe ho kenyeletswa le Lekgotla le Phahameng le Boipiletso, mme ho sa tsotellwe hore Mopresidente o hanne ka tumello kapa tumello e ikgethang ya boipiletso.
Moqosi ya kgathatsehileng ke qeto ya lekgotla mme ya lakatsang ho ipiletsa kgahlanong le yona ka ho otloloha ho Lekgotla ka morero wa molao wa motheo, nakong ya matsatsi a 15 ka mora taelo eo ho batlwang boipiletso ka yona mme ka mora ho neha tsebiso ho mokga kapa mekga e amehang, o tla kenya kopo ya ho etsa boipiletso ho Mongodisi: Ho itshetlehile tabeng ya hore moo Mopresidente wa Lekgotla le Phahameng le Boipiletso a hanneng ho nehelana ka tumello ya boipiletso nako e balletsweng molaong ona e tla balwa ho tloha letsatsing la taelo e hanang tumello.
Kopo e bolelwang ho molawana 2 e tla saenwa ke mokopi kapa moemedi wa hae wa molao mme e tla fupara -
a qeto eo ho etsuwang boipiletso kgahlanong le yona le mabaka ao qeto e jwalo e phehiswang ka wona;
b tlaleho e hlalosang ka ho hlakileng le ka bokgutshwane ntlha ya molao wa motheo e hlahiswang ke qeto; le dintlha dife kapa dife tse kenyeletsang dintlha tse amanang le qeto ditabeng tsa molao wa motheo;
c dintlha tse tlatsetsang kapa phehisano ho ya ka moo mokopi a nahanang hore di a hlokeha hore di hlokomelwe ke Lekgotla; le d tlaleho e bontshang hore mokopi o entse kopo kapa o ikemiseditse ho etsa kopo ya tumello ya boipiletso kapa tumello e kgethehileng ya ho ipiletsa le ho lefe lekgotla le leng, mme ha ho le jwalo:
i ke lekgotleng lefe;
ii le hore na kopo e jwalo e itshetlehile ho se amohelweng ha kopo ke Lekgotla; le iii sephetho sa kopo e jwalo, ha se tsejwa ka nako eo ho etsuwang kopo ho Lekgotla.
a Nakong ya matsatsi a 10 ho tloha nakong eo kopo e bolelwang ho molawana o monyenyane wa 2 e entswe, moqosuwa kapa baqosuwa ba ka araba ka ho ngola, ho bontsha hore na ba a phehisa kapa ha ba e phehise kopo ya tumello ya ho etsa boipiletso, mme ha ho le jwalo ba hlahise mabaka a phehiso e jwalo.
b Karabo e tla saenwa ke moqosuwa kapa baqosuwa kapa moemedi wa hae wa molao.
a Moqosuwa kapa baqosuwa ba lakatsang ho kenya boipiletso bo tshekaletseng ho Lekgotla tlasa morero wa molao wa motheo, nakong ya matsatsi a 10 ho tloha letsatsing leo kopo ho ya ka molawana o monyenyane wa 2 e kentswe, ba tla kenya kopo ya tumello ya boipiletso bo tshekaletseng ho Mongodisi.
b Dipehelo tsa melawana ena mabapi le boipiletso di tla sebetsa, ka diphetoho tse hlokahalang, mabapi le boipiletso bo tshekaletseng.
a Lekgotla le tla fihlella qeto ya ho neha kapa ho se nehe moipiletsi tumello ya boipiletso.
b Dikopo tsa tumello ya boipiletso di ka phethiswa ka potlako, ntle le ho fumana phehisano ya molomo kapa e ngotsweng ho ena le dikahare tse fuperweng ke kopo ka boyona.
c Lekgotla le ka laela hore kopo ya tumello ya boipiletso e dulelwe ho etswe phehisano mme le laele hore ditseko tse ngotsweng tsa mekga di se ke tsa shebana feela le hore kopo ya tumello ya boipiletso e dumelwe, empa le dintle tsa kgohlano. Dipehelo tsa molao 20 di tla sebetsa tshebetsong e tla latelwa ho mekgwatshebetso e jwalo, ka ditokiso tse hlokehang.
Mokgwatshebetso wa boipiletso
Ha tumello ya boipiletso e nehelwa ho ya ka molao 19, moipiletsi o tla hlokomela mme a tsamaise boipiletso ka mokgwa o latelang:
a Moipiletsi o tla hlopha mme a kenye rekoto ya boipiletso ho Mongodisi nakong e tla ballwa ka ditaelo tsa Moahlodi e Moholo.
b Ka ho laolwa ke dipehelo tsa molawana o monyenyane wa c o ka tlase, rekoto ya boipiletso e tla fupara kahlolo ya lekgotla moo boipiletso bo hlokometsweng teng, mmoho le ditokomane tsohle tse kentsweng ke mekga lekgotleng leo le bopaki bohle bo ileng ba bokellwa ditshebetsong mme bo ka tsamaelanang le dintlha tse lokelang ho tshohlwa.
c i Mekga e tla leka ho fihlella tumellano ya dintho tse lokelang ho fuparwa ke rekoto, mme ha ho sa fihlellwe tumellano, moipiletsi o tla etsa kopo ho Moahlodi e Moholo hore a nehe ditaelo mabapi le ho bokellwa ha rekoto.
ii Kopo e jwalo e tla ngolwa mme e tla bontsha boleng ba kgohlano pakeng tsa mekga mabapi le ho bokella rekoto le mabaka a moipiletsi a dingongoreho.
iii Moqosuwa a ka araba mabapi le kopo nakong ya matsatsi a 10 kopo e entswe mme a behe mabaka a ngongoreho ya moqosuwa.
iv Moahlodi e Moholo a ka nehela kopo ho moahlodi a le mong kapa ba bangata, ba ka sebetsang taba ena dipampiring kapa ba batla mekga hore e hlahe pela bona ka letsatsi le itseng ka nako e kgethehileng hore ho phehisanwe ka pokello ya rekoto.
v Moahlodi kapa baahlodi ba amehang ba tla neha ditaelo mabapi le ho bokellwa ha rekoto, nako eo rekoto e lokelang ho kenngwa ho Mongodisi le tse ding dintlha tseo a ka nahanang hore di a hlokeha bakeng sa hore Lekgotla le kgone ho sebetsana le boipiletso, le hore ke ditaelo dife tse ka kgutlisetswang lekgotleng la pele bakeng sa ho mamela bopaki bo ikgethang ba tlatsetso, kapa bopaki ba tlatsetso bo behwe pela Lekgotla ka mokgwa wa afidavite kapa ka mokgwa o mong bakeng sa boipiletso.
a E nngwe ya dikhopi tsa rekoto tse nehilweng Mongodisi e tla nnetefatswa e le e nepahetseng ke Mongodisi wa lekgotla leo boipiletso bo tswang ho lona.
b Dikhopi tsa rekoto di tla thaetjwa dipampiring tse tenya tsa boholo ba A4, ka ho siyana ka mela e mmedi ka enke e ntsho ya ho rekota, di ngotswe lehlakoreng le le leng la pampiri.
c Ditokomane tse hlakileng tse neng di thaepilwe kapa di hatisitswe sethathong sa tsona tse kang ditjheke le tse ding tse jwalo di ke ke tsa thaetjwa hape mme difotokhopi tse hlakileng tsa tsona di tla etsuwa pampiring ya boholo ba A4.
d Maqephe a tla nomorwa ka ho hlakileng mme ka tatelano mme mola o mong le o mong wa leshome leqepheng le leng le le leng o tla nomorwa mme mokgwa wa ho ngolwa ha maqephe lekgotleng la pele o tla bolokwa moo ho kgonehang.
e Direkoto tse tenya di tla arolwa ho ba dipatanta tsa boholo bo tshwarehang ba maqephe a ka bang 100 patanta ka nngwe. Rekoto e tla tlanngwa ka mokgwa o bolokehileng ka mokgwa wa buka hore e kgone ho emelana le tshebediso ya kgafetsa mme e tla tlangwa ka mokgwa o tla etsa hore ha e sebediswa e dule e bulehile ntle le tshebetso kapa e nngwe tshitiso.
f Direkoto tsohle di tla tlangwa ka polokeho ka diphuthelo tse tshwanelehileng tse bontshang nomoro ya nyewe, mabitso a mekga, nomoro ya patanta le nomoro ya maqephe a fuperweng ke patanta eo, paloyohle ya dipatanta, lekgotla la pele le mabitso a baemedi ba molao ba mekga.
g Tlamo e hlokwang ke molao ona e tla ba e bolokehileng ka ho kgotsofatsang ho etsa bonnete ba botsitso ba dipampiri tse phuthetsweng ke patanta; mme moo rekoto e fuperweng ke patanta e fetang bonngwe, nomoro ya patanta ka nngwe le nomoro ya maqephe a fuperweng ke patanta ka nngwe e tla hlaha karolong ya boraro e hodimo ya mokokotlo wa patanta.
h Moo ditokomane di kentsweng ho Mongodisi, mme ditokomane tse jwalo di kentswe rekotong ka diski ya khompyutha, mokga o kenyang tokomane moo ho kgonehang o tla etsa hore Mongodisi a fumane diski e nang le difaele tse fupereng tokomane, kapa a fetisetse khopi ya tokomane e amehang ka khompyutha e leng ka e-mail ka mokgwa o boletsweng ke Mongodisi hore o tsamaelana le dikhompyutha tsa Lekgotla ka nako ya neheletso, ho Mongodisi atereseng [e reng: registrar@concourt.org.za]: Ho itshetlehile tabeng ya hore neheletso eo e ke ke ya tlosa boikarabelo ba mokga o amehang ditlamong tlasa molawana wa 13 ho kenya lenane le balletsweng la ditokomane tse tshwarehang.
i Ha Mongodisi a nehelwa diski, faele e tla kopitswa mme diski e kgutlisetswe ho mokga o amehang. Moo diski kapa khopi ya khompyutha ya tokomane ntle le rekoto ho nehelanwang ka yona, mokga o tlameha ho nehelana ka dikhopi tse 13 tsa tokomane e amehang ho Mongodisi.
Ha rekoto e kentswe ho latela dipehelo tsa ditemana b le c tsa molawana o monyenyane wa 1, Mongodisi o tla etsa hore ho nehelanwe ka tsebiso ho mekga ya boipiletso e batlang -
a hore moipiletsi a kenye ho Mongodisi taba e ngotsweng ho tshehetsa boipiletso nakong e tla behwa ke Moahlodi e Moholo mme e boletsweng tsebisong e jwalo; le b moqosuwa a kenye taba e ngotsweng ho Mongodisi e arabang taba ya moipiletsi letsatsing le kgethehileng le tla behwa ke Moahlodi e Moholo, le tla ba ka mora letsatsi leo taba ya moipiletsi e nehetsweng ho moqosuwa.
Moipiletsi a ka kenya ho Mongodisi taba e ngotsweng e arabang taba ya moqosuwa nakong ya matsatsi a 10 ho tloha ha moipiletsi a nehelwa taba ya moqosuwa.
Moahlodi e Moholo a ka etsa qeto ya hore na boipiletso bo tla sebetswa hodima ditaba tse ngotsweng feela kapa jwang.
Ka ho laolwa ke dipehelo tsa molawana o monyenyane wa 5, Moahlodi e Moholo o tla etsa qeto ka letsatsi leo diphehisano tsa molomo di tla mamelwa ka lona, mme Mongodisi nakong ya matsatsi a mahlano a qeto eo o tla tsebisa ka poso e nnetefatswang kapa ka fekse mekga yohle ya boipiletso ka letsatsi la ho mamela.
Tlhahisoleseding e ekeditsweng e tla nehwa Mongodisi
Ha kopo ya tiiso ya taelo ya ho se amohelehe ho ya ka molao wa motheo kapa tsebiso ya boipiletso kgahlanong le taelo e jwalo e kenngwa ho Mongodisi ho ya ka molawana wa 16, kapa kopo ya tumello ya boipiletso e kenngwa ho ya ka molawana wa 19, mokopi kapa moipiletsi ka yona nako eo o tla nehela Mongodisi ntlha?
a e hlalosang bolelele ba rekoto, kapa ha rekoto e fupere le bopaki ba sa kang ba fetolelwa mongolong, kakanyo ya bolelele ba rekoto le nako e hlokehang ho e fetolela mongolong;
b ya hore na ho na le maemo a ikgethang a ka hlokang hore mamelo e nke letsatsi le ka nqane ho le le leng kapa maemo a ka tsamaelanang le ditaelo tse nehuweng ke Moahlodi e Moholo.
DITEFISO LE DITSHENYEHELO
Ditefello tsa lekgetho le ditefiso tsa babuelli
Melawana ya 17 le 18 ya Melawana ya Lekgotla le Phahameng la Boipiletso mabapi le lekgetho le ditefiso tsa babuelli e tla sebetsa, ka diphetoho tse ka hlokahalang.
Mabapi le phehisano ya molomo le e ngotsweng, tefiso ya phehisano e ngotsweng e ka amohelwa maemong a tshwanelehileng ho ba ntlha e ikemetseng e le inotshi.
Ditefiso tsa Lekgotla
Ho tlatsetsa ho ditefiso tsa Lekgotla tse seng di balletswe melawanang ena ditefiso tse Shejuleng ya 2 e tla ba ditefiso tsa lekgotla tse lefshwang ka ditempe tsa tjhelete e kenang ho mmuso.
Phokotso ho molawana wa 44 le dipehelo tsa molawana wa 45 di tla sebetsa, ka diphetolo tse ka hlokahalang.
KAROLO YA X
MEFUTAFUTA YA DITHUSO
Laeborari
Laeborari ya Lekgotla e tla fumaneha ho ka sebediswa ke baahlodi, diofisiri tsa Lekgotla le batho ba bang ba nang le tumello ya molaeborari bakeng sa diphuputso tsa molao wa motheo.
Laeborari e tla bulwa ka dinako tseo ditlhoko tse amohelehileng tsa Lekgotla di ka e hlokang mme tshebetso ya yona e tla laolwa ke melawana e entsweng ke Komiti ya Laeborari ya Lekgotla ka ho eletsana le Moahlodi e Moholo.
Diphetolelo
Ha rekoto kapa tokomane efe kapa efe e kenngwang ho Mongodisi e fupere ditaba tse ngotsweng ka puo e molaong e sa utlwisisweng ke baahlodi bohle, Mongodisi o tla etsa hore dikarolo tsa rekoto kapa tokomane e amehang di fetolelwe ke mofetoledi ya nkileng dikano tsa Lekgotla le Phahameng ho ya puong kapa dipuong tse tla utlwisiswa ke baahlodi ba jwalo, mme o tla nehela mekga eo dikhopi tsa diphetolelo tse jwalo.
Mehlala, meralo le dipontsho
Mehlala, meralo le dipontsho tsa dintho tse bopang karolo ya bopaki tse nkuweng nyeweng mme tsa tliswa Lekgotleng hore di tlo hlahlojwa di behwa polokelong ya Mongodisi bonyane matsatsi a 10 pele nyewe e mamelwa kapa e hlahiswa.
Mehlala yohle, meralo le dipontsho tsa dintho tse behilweng kalosong ya Mongodisi di tla tloswa ke mekga nakong ya matsatsi a 40 ka mora hoba nyewe e phethilwe.
Ha ntho ena e sa etsuwa, Mongodisi o tla tsebisa mokga o amehang ho tlosa dintho tseo hang hang mme ha di sa tloswa nakong ya dikgwedi tse tsheletseng ka mora moo, Mongodisi o tla di fedisa kapa a di tlose ka mokgwa o tshwanelehileng.
Ho hulwa ha dinyewe
Ha mekga yohle, kgatong efe kapa efe ya ditshebetso, e kenya tumellano e ngotsweng ho Mongodisi ya ho hula nyewe, e hlalosa dintlha tse amanang le tefo ya ditshenyehelo le tefo ho Mongodisi ya ditefiso tse lokelang ho lefshwa, Mongodisi, ha a laelwa jwalo ke Moahlodi e Moholo, o tla kenya kgulo e jwalo, mme Lekgotla ha le sa tla ba le boikarabelo ka taba eo.
Moralo wa ditokomane
Tokomane e nngwe le e nngwe e nang le maqephe a fetang 15 le ha e le hore e atisitswe ka mokgwa ofe kapa ofe, e tla ba le lenaneo la dikahare le mehlodi e nepahetseng.
Tokomane e nngwe le e nngwe ha e kwalwa e tla ba le lebitso la mokga kapa la mmuelli wa hae wa molao, aterese ya poso le ya bodulo, fekse, nomoro ya founu le aterese ya khompyutha e leng e-mail, moo e fumanehang, mme tokomane ya sethatho e tla saenwa ke mokga kapa mmuelli wa hae wa molao.
a Mongodisi a ke ke a amohela tokomane efe kapa efe e ngodiswang e tliswa e sa tsamaelane le melawana ena, empa o tla e kgutlisetsa ho mokga o phoso a bontsha dintlha tseo e haellwang ho kgotsofatsa ka tsona: Ho itshetlehile tabeng ya hore ha dikhopi tse ntjha tse tshwanelehileng tsa tokomane e jwalo di tliswa nakong ya matsatsi a mahlano a ho fumana tsebiso e ngotsweng, ngodiso e jwalo e tla nkuwa e sa siuuwa ke nako.
b Ha Lekgotla le hlokomela hore dipehelo tsa melawana ena ha di a ananelwa, boikgethelong ba lona, le ka diha dikotlo tse tshwanelehileng.
Tshebediso ya Melawana e itseng ya Melawana e Tshwanang
Melawana e latelang ya Melawana e Tshwanang e tla sebetsa ditshebetsong tsa Lekgotla, ka diphetoho tse ka hlokahalang:
No. ya Molawana Sehlooho
ho ya ho 6 Kopano ya mekga ditshebetsong tsa merero e nyalanang
Ditokiso ho dithapedi le ditokomane
Tshibollo, tlhahlobo le tlhahiso ya ditokomane
Ditaelo tsa tlhophiso le phediso
Bafetoledi ba ikanneng
Ho tolokwa ha bopaki
Ho ngodisa faeleng, tlhophiso le tlhahlobo ya ditokomane
Phumolo/phediso ya ditokomane
Bakhomishenare ba Lekgotla
Tshebediso ya dikarolo tse itseng tsa Molao wa Lekgotla le Phahameng, 1959 (Molao No. 59 wa 1959)
Dikarolo tse latelang tsa Molao wa Lekgotla le Phahameng, 1959 (Molao No. 59 wa 1959), di tla sebetsa, ka diphetoho tse ka hlokahalang, ditshebetsong tsa le pela Lekgotla jwalo ka ha eka ke melawana ya lekgotla leo.
Matla a lekgotla dinyeweng tsa boipiletso
Tlhahlobo ya babotsi ba batho bao bopaki ba bona bo hlokwang dinyeweng tsa bodulo
Mokgwa wa ho sebetsana le dikhomishene tsa thapedi, mangolo a kopo le ditokomane tsa tshebeletso tse tswang dinaheng tsa baditjhaba. Pehelo ena e tla sebetsa ka ho laolwa ke ho nkelwa sebaka ha Senyesemane kapa Afrikanse ke polelwana e reng ?puo efe kapa efe ya molao?.
Tokomane e kentsweng ho thaotha dintlha tse tshwarehang
Mokga ofe kapa ofe ditshebetsong dife kapa dife ka pela Lekgotla le metswalle ya lekgotla e amohetsweng ka tshwanelo ke Lekgotla tshebetsong efe kapa efe o tla ba le tokelo, ditokomaneng tse kentsweng ho Mongodisi ho ya ka melawana ena, ho thaotha ho fumana dintlha tse tshwarehang tse tsamaelanang le phethiso ya merero pela Lekgotla mme hoo ha ho hlahelle ka mokgwa o ikgethang rekotong: Ho itshetlehile tabeng ya hore dintlha tse jwalo -
a ke mabaka a tlwaelehileng kapa ho seng jwalo ha di na kgwao; kapa b ke tsa semmuso, tsa saense, tsa botekgeniki kapa tsa dipalopalo ka boleng bo ka nnetefatswang ha bobebe.
Mekga yohle e meng e tla ba le tokelo, nakong e dumelletsweng ke melawana ena ho ka araba ditokomaneng tse jwalo, ho dumela, ho latola, ho phehisa kapa ho thatoloha ka dintlha tsena ho fihlela moo ho hlokahalang mme ho tshwanelehileng bakeng sa qeto e nepahetseng ya Lekgotla.
Ho se tsamaelane le melawana
Lekgotla kapa Moahlodi e Moholo a ka:
atisa kapa a fokotsa nako efe kapa efe e balletsweng melawanang ena, ka boikgethelo ba hae kapa ka kopo le ka mabaka a kgotsofatsang a bontshang sesosa ebile a ka tshwanela ho se tsamaelane le melawana ena; le ho neha ditaelo mererong ya tshebetso, mokgwatshebetso le ho phethisa boipiletso bofe kapa bofe, kopo kapa o mong morero jwalo ka Lekgotla kapa Moahlodi e Moholo a ka bona e le toka le thuso.
Phethahatso: Karolo ya 3 ya Molao wa Tlatsetso wa Lekgotla la Molao wa Motheo, 1995 (Molao No. 13 wa 1995)
Ditaelo tsa ditshenyehelo tsa Lekgotla di tla phethahatswa lekgotleng la mmaseterata ka mokgwa o latelang:
Ditaelo tsa ditshenyehelo di tla ba le sephetho sa kahlolo ya bodulo ya lekgotla la mmaseterata mme mokga oo taelo ya ditshenyehelo e tla ba molemong wa wona o tla nkuwa e le o unneng ka kahlolo mme mokga oo taelo e jwalo e tla ba kgahlanong le wona o tla nkuwa e le o kolotang ka kahlolo.
Mokga oo taelo ya ditshenyehelo e entsweng molemong wa wona, moo ditaelo tsa ditshenyehelo di sa kang tsa ananelwa, ngola faele ho Mongodisi ka afidavite o hlalosa dintlha tsa ditaelo tsa ditshenyehelo o hlalosa le hore ditaelo tsa ditshenyehelo ha di a ananelwa kapa ha di a phethahatswa ka botlalo, ho ya ka moo maemo a leng ka teng, le bokaalo ba tjhelete e haellang, mme o tla kopa Mongodisi ho mo neha khopi e nnetefaditsweng ya ditshenyehelo tse jwalo.
Mongodisi, ka mora ho hlahloba faele ya lekgotla e amehang o tla nnetefatsa dikahare tsa afidavite, a nehele mokga o bolelwang molawaneng o monyenyane wa 2 khopi e nnetefaditsweng ya taelo ya ditshenyehelo tse amehang mme o tla rekota nehelano e jwalo faeleng ya Lekgotla.
Mokga o bolelwang ho molawana o monyenyane wa 2 o tla kenya faeleng khopi e boletsweng ho mongodi wa lekgotla la botho wa setereke moo a dulang, a ntshetsang pele kgwebo kapa a hirilweng teng.
Taelo e jwalo e tla phethahatswa ho ya ka dipehelo tsa Molao wa Makgotla a Bommaseterata, 1944 Molao wa No. 32 wa 1944, le Melawana ya Makgotla a Bommaseterata e phatlaladitsweng tlasa Tsebiso ya Mmuso R. 1108 ya 21 Phupjane 1968, jwalo ka ha e lokisitswe, mabapi le ditaelo tsa phethahatso malebana le thepa e suthisehang le e sa sutheseheng le ho ntsha taelo ya kamoho ya moputso le ditaelo tsa ho hulwa ha tjhelete moputsong feela.
Dithuso tsa nakwana
Ha nako e balletswe bakeng sa morero ofe kapa ofe ho ya ka melawana ena, nako e jwalo e ka ba e qadile ho tsamaya pele ho qadiso ya melawana ena, nako e jwalo e tla qala ho tsamaya feela ka letsatsi leo melawana ena e kenang tshebetsong.
Phediso ya melawana
Melawana ya Lekgotla la Molao wa Motheo e phatlaladitsweng nakong ya pele e tla fediswa/phumulwa letsatsing leo melawana ena e kenang tshebetsong: Ho itshetlehile tabeng ya hore ditaelo dife kapa dife tse ngotsweng malebana le mekgwatshebetso e tla latelwa tharollong ya kgohlano kapa morero dinyeweng tse seng di hlahletswe e tla tswela pele ho sebetsa, ntle le ha e fedisitswe ka ho ngolwa ke Moahlodi e Moholo.
Ho thulana ha ditemana
Sethathong melawana ena e radilwe ka Senyesemane mme ya fetolelwa dipuong tsohle tsa semmuso. Ka lebaka leo, ha ho le teng ho thulana hofe kapa hofe, kgatiso ya Senyesemane e tla ba yona e sebetsang.
Sehlooho se sekgutshwane
Melawana ena e tla bitswa Melawana ya Lekgotla la Molao wa Motheo, 2003.
Shejule 1 - DIFOROMO
Nomoro ya Foromo
Tsebiso ya tshisinyo (ho Mongodisi)
Tsebiso ya tshisinyo (ho Mongodisi le moqosuwa)
FOROMO YA 1
TSEBISO YA TSHISINYO
LEKGOTLENG LA MOLAO WA MOTHEO WA AFRIKA BORWA
No. ya Nyewe ...
Morerong wa:
Mokopi
Hlokomela hore mokopi ya boletsweng ka hodimo o kopa taelo ya Lekgotla mabapi le tse latelang:
le hore afidavite ya ..., e hoketsweng mona, e tla sebediswa ho tshehetsa hoo.
Thusa o behe morero ona pela Moahlodi e Moholo hore o tshohlwe ho ya ka molawana wa 11 .
Mohla la..., letsatsing la ... kgweding ya ... 20...
Mokopi kapa mmuelli
Ho Mongodisi wa Lekgotla le boletsweng ka hodimo.
FOROMO YA 2
TSEBISO YA TSHISINYO
LEKGOTLENG LA MOLAO WA MOTHEO WA AFRIKA BORWA
No. ya Nyewe ...
Morerong wa:
Mokopi le
Moqosuwa
Hlokomela hore ... (ya tla bitswa mokopi ka mora mona) o ikemiseditse ho etsa kopo Lekgotleng lena ya taelo (a) ... (b) ... (c) ... (mona hlalosa mokgwa wa thapedi) le hore afidavite e felehetsang ya ... e tla sebediswa ho tshehetsa hoo.
Hlokomela le hore mokopi o thontse ... (mona bolela aterese) jwalo ka aterese moo a tlang ho amohela tsebiso le ho phetha ditshebeletso tsohle tsa ditshebetso.
Hlokomela le hore ha o ikemiseditse ho phehisa kopo ena ho hlokahala hore o (a) tsebiso mmuelli wa mokopi ka ho ngola ka kapa pele ho ... (letsatsi) le (b) nakong ya matsatsi a 15 ka mora ho neha tsebiso ya ho ikemisetsa ho phehisana le kopo ho kenya faeleng afidavite ya hao e arabang, ha e le teng; le hore o lebelletswe ho thonya tsebisong e jwalo aterese moo o tlang ho amohela tsebiso le ho phethahatsa ditshebeletso tsa ditokomane tsohle ditshebetsong tsena.
Ha ho se tsebiso e jwalo e nehuweng ya ho ikemisetsa ho phehisa, mokopi o tla kopa Mongodisi ho beha morero ona pela Moahlodi e Moholo hore o tshohlwe ho ya ka molawana wa 11 .
Mohla la..., letsatsing la ... kgweding ya ... 20...
Mokopi kapa mmuelli
Ho: ...
Moqosuwa
Aterese
Mongodisi wa Lekgotla le boletsweng ka hodimo
Shejule ya 2
DITEFISO
Ho kenya kopo efe kapa efe (ntle le ho tokomane ya pele) 10,00
Ho kenya afidavite e arabang (ka nngwe) 10,00
Ho kenya tsebiso ya boipiletso kapa boipiletso bo tshekaletseng 15,00
Tumello ya ho neha boipiletso ka ntle ho Lekgotla 15,00
Tefiso ya lekgetho morerong ofe kapa ofe 25,00
